Genese 8:11-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Mantsiboya, leeba la kgutlela ho yena, mme bona, le ne le na le lehlaku la mohlwaare molomong wa lona, le kgweboditsweng; mme Nowe a tseba hobane metsi a kgwehlile lefatsheng.

12. A lebadisa hape ditshiu tse supileng, a boela a ntsha leeba, mme ha le a ka la hlola le kgutlela ho yena.

13. Ka selemo sa makgolo a tsheletseng a motso o mong sa ho phela ha Nowe, ka tsatsi la pele la kgwedi ya pele, metsi a be a se a monyetse lefatsheng; mme Nowe a tlosa sekwahelo sa areka, mme a bona lefatshe hoba le se le ponne.

14. Ka kgwedi ya bobedi, ka tsatsi la mashome a mabedi a metso e supileng, lefatshe la be le omile.

15. Yaba Modimo o bolella Nowe, wa re:

16. Tswa arekeng, wena, le mosadi wa hao, le bara ba hao, le basadi ba bara ba hao bao o nang le bona,

17. le diphoofolo tsohle tsa mefuta yohle tse ho wena, le dinonyana, le makgomo, le dihahabi tsohle tse hahabang lefatsheng, o di ntshe, di tswe le wena, di tle di tlale lefatsheng, mme di tswale, di ate lefatsheng.

18. Yaba Nowe o a tswa, yena, le bara ba hae, le mosadi wa hae, le basadi ba bara ba hae, bao a neng a na le bona,

19. le diphoofolo tsohle, le dihahabi tsohle, le dinonyana tsohle; ntho tsohle tse tsamayang lefatsheng ka mefuta ya tsona, tsa tswa arekeng.

20. Yaba Nowe o hahela Jehova aletare, mme ho diphoofolo tsohle tse hlwekileng, le ho dinonyana tsohle tse hlwekileng, a nka tse ding, a di etsa setjheso aletareng.

21. Jehova a fofonela monko o monate, mme Jehova a re ka pelong ya hae: Nke ke ka boela ka rohaka lefatshe ka baka la batho, etswe mehopolo ya motho e le mebe le botjheng ba hae, mme nke ke ka boela ka otla dintho tsohle tse utlwang, jwalokaha ke tswa etsa.

22. Lefatshe ha le sa ntse le le teng, ho jala le ho kotula, mohatsela le mofuthumela, lehlabula le mariha, bosiu je motshehare di ke ke tsa hlokahala.

Genese 8