1. Yaba Modimo o hopola Nowe, le diphofolo tsohle, le makgomo kaofela a ho yena arekeng; mme Modimo o a fokisa moya lefatsheng, mme metsi a kgwehla.
2. Mehlodi ya bodiba le dithoba tsa lehodimo tsa thijwa, mme pula ya lehodimo ya seswa.
3. Metsi a nna a kgutla, a tloha hodima lefatshe, a tsamaya a ntse a kgwehla, mme ditshiu tse lekgolo le mashome a mahlano ha di fetile, metsi a be a kokobetse.
4. Ka tsatsi la leshome le metso a supileng la kgwedi ya bosupa, areka ya ema hodima dithaba tsa Ararate.
5. Metsi a nna a qepha ho isa kgweding ya leshome. Ka kgwedi ya leshome, ka tsatsi la pele la kgwedi, dihloro tsa dithaba tsa hlaha.
6. Eitse ditshiu tse mashome a mane ha di fetile, Nowe a bula lesoba la areka leo a neng a le entse.
7. A ntsha lekgwaba, mme ho yeng la ya, la boya, ho fihlela metsi a epsha lefatsheng.
8. A ba a ntsha leeba ho bona ha ekaba metsi a fokotsehile hodima lefatshe.
9. Empa leeba ha le a ka la bona tulo moo le ka beang bohato ba leoto la lona teng, yaba le kgutlela ho yena arekeng, hobane metsi a ne a sa le teng lefatsheng lohle, mme a nanabetsa letsoho la hae, a nka leeba, mme a le busetsa ho yena arekeng.
10. A boela a dula ditshiu tse supileng, a ntoo ntsha leeba hape arekeng.
11. Mantsiboya, leeba la kgutlela ho yena, mme bona, le ne le na le lehlaku la mohlwaare molomong wa lona, le kgweboditsweng; mme Nowe a tseba hobane metsi a kgwehlile lefatsheng.