11. Ka selemo sa makgolo a tsheletseng sa ho phela ha Nowe, ka kgwedi ya bobedi, ka tsatsi la leshome le metso e supileng la kgwedi, ka tsatsi leo, mehlodi ya bodiba bo boholo ya phunyeha, mme dithoba tsa lehodimo tsa thiboloha.
12. Pula ya na lefatsheng ka matsatsi a mashome a mane le ka masiu a mashome a mane.
13. Ka lona tsatsi leo, Nowe a kena ka arekeng, a na le Sema, le Kama, le Jafeta, bara ba Nowe, le mosadi wa Nowe, le basadi ba bararo ba bara ba hae,
14. bona, le diphoofolo tsohle ka mefuta ya tsona, le makgomo wohle ka mefuta ya wona, le dihahabi tsohle tse hahabang lefatsheng ka mefuta ya tsona, le tse rurang tsohle ka mefuta ya tsona, le dinonyana tsohle tse mapheo.
15. Pedi ka pedi tsa nama yohle e nang le phefumoloho ya ho phela, tsa tla ho Nowe arekeng.
16. Ho tse tlileng, ha tla e tona le e tshehadi tsa nama yohle, jwalokaha Modimo o ne o mo laetse. Yaba Jehova o a mo kwalla.
17. Morwallo wa tlala lefatsheng ditshiu tse mashome a mane; metsi a kokomoha, a phahamisa areka, mme ya emisetswa hodima lefatshe.
18. Metsi a eketseha, a hola haholo lefatsheng, mme areka e ne e sesa hodima metsi.
19. Metsi a ipha matla haholoholo lefatsheng; mme dithaba tsohle tse telele tse katlasa mahodimo wohle tsa apeswa.
20. Metsi a eketsa ho phahama ho isa ditsweng tse leshome le metso e mehlano, mme dithaba tsa kwahelwa.
21. Yaba nama yohle e nyekenyehang lefatsheng ya eshwa: dinonyana, le makgomo, le diphoofolo, le dihahabi tsohle tse hahabang lefatsheng, le batho kaofela.
22. Dintho tsohle tse neng di na le phefumoloho ya ho phela dinkong tsa tsona, kaofela ha tse dutseng moo ho omileng tsa eshwa.
23. Tsohle tse phelang tse lefatsheng tsa fediswa, ho qala ka batho ho isa ho diphoofolo, le ho dihahabi, le ho dinonyana tsa lehodimo, tsohle tsa timetswa lefatsheng, ha sala Nowe feela, le tsohle tseo a neng a na le tsona arekeng.
24. Mme metsi a eba matla lefatsheng ka ditshiu tse lekgolo le mashome a mahlano.