Genese 7:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova a re ho Nowe: Kena arekeng, wena le ba ntlo ya hao kaofela, hobane ke o bone o lokile pela ka lelokong lena.

2. Ho diphoofolo tsohle tse hlwekileng o nke ka supa, e tona le e tshehadi ya yona, le ho diphoofolo tse sa hlwekang o nke ka pedi, e tona le e tshehadi ya yona.

3. Le ho dinonyana tsa lehodimo o nke ka supa, e tona le e tshehadi, ho pholosetsa lefatshe lohle mefuta ya tsona.

4. Hobane matsatsi a sa tla supa, ke ntoo nesa pula hodima lefatshe ka matsatsi a mashome a mane le ka masiu a mashome a mane, mme ke tla fedisa lefatsheng tsohle tse leng teng, tseo ke di entseng.

5. Yaba Nowe o etsa kahohle kamoo Jehova a mo laetseng kateng.

6. Nowe e ne e le motho ya dilemo tse makgolo a tsheletseng, ha morwallo wa metsi o eba teng lefatsheng.

7. Nowe a kena ka arekeng, a na le bara ba hae, le mosadi wa hae, le basadi ba bara ba hae le yena, ba tshaba metsi a morwallo.

8. Diphoofolo tse hlwekileng, le diphoofolo tse sa hlwekang, le dinonyana, le tsohle tse hahabang lefatsheng,

9. tsa tla ka pedi arekeng ho Nowe, e tona le e tshehadi, jwalokaha Modimo o ne o laetse Nowe.

10. Eitse matsatsi a supileng ha a fetile, metsi a morwallo a eba teng lefatsheng.

11. Ka selemo sa makgolo a tsheletseng sa ho phela ha Nowe, ka kgwedi ya bobedi, ka tsatsi la leshome le metso e supileng la kgwedi, ka tsatsi leo, mehlodi ya bodiba bo boholo ya phunyeha, mme dithoba tsa lehodimo tsa thiboloha.

Genese 7