10. Nowe a tswala bara ba bararo: Sema, le Kama, le Jafeta.
11. Empa lefatshe le ne le bodile pela Modimo, mme lefatshe le ne le tletse ho bolayana.
12. Modimo wa tadima lefatshe, mme wa bona hoba le bodile le hoba nama yohle e sentse mokgwa wa yona lefatsheng.
13. Yaba Modimo o re ho Nowe: Bofelo ba nama yohle bo fihlile pela ka, hobane lefatshe le tletse ho bolayana ha bona, mme jwale ke tla ba timeletsa le lefatshe.
14. O iketsetse areka ka difate tsa gofere; o etse dikarolo arekeng, mme o e tlotse ka boka kahare le kantle.
15. O e etse ka mokgwa ona: Ditswe tsa motopo wa areka di be makgolo a mararo, ditswe tsa bophara ba yona di be mashome a mahlano, mme ditswe tsa bophahamo ba yona di be mashome a mararo.
16. O siye lesoba arekeng, le be bolelele ba setswe se le seng ho tloha hodimo, o etse le monyako lehlakoreng la areka, o be o e etse dikarolo tse hlwellaneng, e katlase, le e kahare, le e kahodimo.
17. Bona, nna ke ya tlisa morwallo wa metsi lefatsheng, ho fedisa nama yohle e nang le phefumoloho ya ho phela tlasa lehodimo, mme hohle ho lefatsheng ho tla shwa.
18. empa ke tla hlaba selekane sa ka le wena, mme o tla kena arekeng, wena, le bara ba hao, le mosadi wa hao, le basadi ba bara ba hao hammoho le wena.
19. Ho tse phelang kaofela tsa nama yohle o nke ka pedi, e tona le e tshehadi, o di kenye arekeng, di tle di pholohe le wena;
20. dinonyana ka mefuta ya tsona, le diphoofolo ka mefuta ya tsona, le tsohle tse hahabang lefatsheng ka mefuta ya tsona, di tla tla kaofela ka pedi ho wena, di tle di pholohe.
21. O nke dijo tsohle tse jewang, o di bokelle ho wena arekeng, e be ho ja ha hao le ha tsona.
22. Yaba Nowe o etsa kahohle kamoo Modimo o mo laetseng kateng, a fela a etsa jwalo.