1. Eitse hobane batho ba qale ho ata lefatsheng, ha ba tswetse basetsana,
2. bara ba Modimo ba bona baradi ba batho hoba ba batle, mme ba inkela basadi hara bohle bao ba ikgethetseng bona.
3. Yaba Jehova o re: Moya wa ka o ke ke wa nna wa eba ho motho kamehla, etswe le hona e le nama feela; ditshiu tsa hae e tla ba dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi.
4. Ho ne ho le difontwane tsa batho lefatsheng mehleng eo, hobane bara ba Modimo ba tle ho baradi ba batho, mme ba ba tswalle bana; ke tsona dinatla tsa boholoholo, tse mabitso a tumileng.
5. Jehova a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatsheng, le hoba mmopo wa mehopolo yohle ya dipelo tsa bona o mobe feela ka matsatsi wohle.
6. Jehova a belaela ke hobane a entse motho lefatsheng, mme pelo ya hae ya eba ntsho.
7. Jehova a re: Ke tla timetsa lefatsheng batho bao ke ba bopileng, ho qala ka batho ho isa ho makgomo le ho dihahabi le ho tse rurang hodimo, hobane ke belaela ka hoba ke di entse.
8. Empa Nowe a fumana mohau pela Jehova.
9. Ditaba tsa Nowe ke tsena: Nowe e ne e le motho ya lokileng, ya kgabane mehleng ya hae; mme Nowe o ne a tsamaya le Modimo.
10. Nowe a tswala bara ba bararo: Sema, le Kama, le Jafeta.
11. Empa lefatshe le ne le bodile pela Modimo, mme lefatshe le ne le tletse ho bolayana.
12. Modimo wa tadima lefatshe, mme wa bona hoba le bodile le hoba nama yohle e sentse mokgwa wa yona lefatsheng.
13. Yaba Modimo o re ho Nowe: Bofelo ba nama yohle bo fihlile pela ka, hobane lefatshe le tletse ho bolayana ha bona, mme jwale ke tla ba timeletsa le lefatshe.
14. O iketsetse areka ka difate tsa gofere; o etse dikarolo arekeng, mme o e tlotse ka boka kahare le kantle.