5. Ntate o ntlhapantshitse, a re: Bona, ke a shwa; o tle o mpate lebitleng la ka leo ke itheketseng lona lefatsheng la Kanana. Ako ntumelle jwale, ke ye ho pata ntate, ke ntoo kgutla.
6. Yaba Faro o re: Tsamaya, o ye ho pata ntatao, kamoo a o hlapantshitseng kateng.
7. Yaba Josefa o tsamaya ho ya pata ntatae; mme bahlanka kaofela ba Faro ba ya le yena, le matona a ntlo ya hae, le marena kaofela a lefatshe la Egepeta,
8. le ba ntlo ya Josefa kaofela, le banababo, le ntlo ya ntatae; ha sala bana ba bona, le manku le makgomo a bona feela naheng ya Goshene.
9. Ha ya le yena makoloi le ba dipere, letshwele ya eba le leholoholo.
10. Yaba ba fihla seotlong sa Athade, se leng mose ho Jordane, mme ba lla teng ka dikgapha tse kgolo tsa mahlomola; mme Josefa a dulela ntatae teng bofifi ba ditshiu tse supileng.
11. Baahi ba naha eo, Bakanana, eitse ha ba bona dikgapha tse etswang seotlong sa Athade, ba re: Bofifi bona jwa Baegepeta bo boholo. Ke ka baka lena seotlo se mose ho Jordane se reilweng Abele-Mitsraime (bofifi ba Baegepeta).
12. Bara ba Jakobo ba etsa ka yena kamoo a neng a ba laetse kateng.
13. Bara ba hae ba mo isa naheng ya Kanana, ba mo pata lehaheng la tshimo ya Makpela, leo Abrahama a neng a le rekile hammoho le tshimo, hore e be setsha sa hae sa mabitla, ho Efrone, Mohete, ka nqa botjhabela ho Mamre.
14. Eitse ha Josefa a patile ntatae a kgutlela Egepeta, yena le banababo, le bohle ba neng ba ile le yena ho ya pata ntatae.
15. Yare ha banababo Josefa ba bona hoba ntata bona o shwele, ba bolellana, ba re: Jwale Josefa o tla re hloya, a busetse ho rona bobe bohle boo re kileng ra mo etsa bona?
16. Yaba ba bolella Josefa, ba re: Ntatao o kile a re bolella a eso ho shwe, a re: