Genese 50:16-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Yaba ba bolella Josefa, ba re: Ntatao o kile a re bolella a eso ho shwe, a re:

17. Le tle le re ho Josefa: Oho! ke a o rapela, ako tshwarele molato wa banabeno le sebe sa bona sa mohla ba o etsang hampe! Mme jwale, re a o rapela hore o tshwarele sebe sa bahlanka ba Modimo wa ntatao! Josefa a lla, ha ba bua le yena.

18. Banababo ba itlisa ka sebele, ba itihela pela hae, ba re: Bona, re bafo ba hao.

19. Yaba Josefa o re ho bona: Le se ke la tshoha; a nka hla ka ipea sebakeng sa Modimo?

20. Lona, le na be le hopotse ho nketsa hampe, kanthe Modimo o rerile molemo, hore o etse se hlahileng kajeno lena, o pholose tjhaba se sengata.

21. Se tshabeng, le tla fepjwa ke nna, lona le bana ba lona. Mme a ba tshedisa, a bua le dipelo tsa bona.

22. Josefa a aha Egepeta, yena le ntlo ya ntatae: Josefa a phela dilemo tse lekgolo le nang le leshome.

23. Josefa a bona bana ba Efraime ho isa ho ba leloko la boraro, mme bara ba Makire, mora Manasse, le bona ba tswallwa mangoleng a Josefa.

24. Josefa a re ho banababo: Ke se ke ya shwa, mme Modimo o tla le etela ruri, a le ntshe naheng ena, a le ise naheng eo a hlapanyeditseng Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, hore o tla ba nea yona.

25. Josefa a hlapantsha bana ba Iseraele, a re: Ruri, Modimo o tla le etela, mme mohlang oo le tle le tlose masapo a ka kwano.

26. Yaba Josefa o a shwa, a na le dilemo tse lekgolo le nang le leshome, mme ba mo noka, ba mo kenya lekeseng Egepeta.

Genese 50