Genese 50:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Josefa o itihela hodima sefahleho sa ntatae, a lla hodima hae, a mo aka.

2. Josefa a laela dingaka tse mo sebeletsang hore di noke ntatae; mme dingaka tsa noka Iseraele.

3. Ha feta ditshiu tse mashome a mane, hobane ditshiu tsa ba nokwang di ba kalo. Baegepeta ba mo llela matsatsi a mashome a supileng.

4. Eitse hobane matsatsi a bofifi ba hae a fete, Josefa a bua le ba ntlo ya Faro, a re: Ha ekaba ke fumane mohau mahlong a lona, a le keng le bue ditsebeng tsa Faro, le re:

5. Ntate o ntlhapantshitse, a re: Bona, ke a shwa; o tle o mpate lebitleng la ka leo ke itheketseng lona lefatsheng la Kanana. Ako ntumelle jwale, ke ye ho pata ntate, ke ntoo kgutla.

6. Yaba Faro o re: Tsamaya, o ye ho pata ntatao, kamoo a o hlapantshitseng kateng.

7. Yaba Josefa o tsamaya ho ya pata ntatae; mme bahlanka kaofela ba Faro ba ya le yena, le matona a ntlo ya hae, le marena kaofela a lefatshe la Egepeta,

8. le ba ntlo ya Josefa kaofela, le banababo, le ntlo ya ntatae; ha sala bana ba bona, le manku le makgomo a bona feela naheng ya Goshene.

9. Ha ya le yena makoloi le ba dipere, letshwele ya eba le leholoholo.

10. Yaba ba fihla seotlong sa Athade, se leng mose ho Jordane, mme ba lla teng ka dikgapha tse kgolo tsa mahlomola; mme Josefa a dulela ntatae teng bofifi ba ditshiu tse supileng.

Genese 50