1. Ke ena buka ya leloko la Adama. Ka letsatsi leo Modimo o neng o bope motho ka lona, o mmopile ka setshwantsho sa Modimo.
2. Wa bopa e motona le e motshehadi, wa ba hlohonolofatsa, mme wa ba rea lebitso la motho, mohla ba bopjwang.
3. Adama a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo, a tswala mora ka setshwantsho sa hae le ka sebopeho sa hae, a mo rea lebitso la Setha.
4. Eitse hobane Adama a tswale Setha, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e le mmedi; a tswala bara le baradi.
5. Ditshiu tsohle tseo Adama a phetseng ka tsona, e bile dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a mashome a mararo; mme a shwa.
6. Setha a phela dilemo tse lekgolo le metso e mehlano; a tswala Enose.
7. Eitse hobane Setha a tswale Enose, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e le mmedi le metso e supileng; a tswala bara le baradi.
8. Ditshiu tsohle tsa Setha e bile dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a leshome le metso e mmedi; mme a shwa.
9. Enose a phela dilemo tse mashome a robileng mono o le mong, mme a tswala Kenane.
10. Eitse Enose ha a tswetse Kenane, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e le mmedi a leshome le metso e mehlano; a tswala bara le baradi.
11. Ditshiu tsohle tsa Enose ya eba dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a metso e mehlano; mme a shwa.
12. Kenane a phela dilemo tse mashome a supileng, mme a tswala Mahalaleele.
13. Kenane ha a se a tswetse Mahalaleele, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e mmedi a mashome a mane; mme a tswala bara le baradi.
14. Ditshiu tsohle tsa Kenane ya eba dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong le leshome le le leng; mme a shwa.
15. Mahalaleele a phela dilemo tse mashome a tsheletseng a metso e mehlano; mme a tswala Jerede.