4. O mahlahahlaha jwaloka metsi, ha o ka ke wa ba kapele, hobane wa na wa hlwella malaong a ntatao; o silafaditse malao a ka mohla monene, ha o a hlweletse.
5. Simeone le Levi, ke bana ba mpa; marumo a bona ke dibetsa tse sehloho.
6. Moya wa ka o se ke wa kena lekunutung la bona, bohlophehi ba ka bo se ke ba ikopanya le morero wa bona; hobane bohaleng ba bona ba na ba bolaya batho, mme kgalefong ya bona ba na ba kgaola mesifa ya dipoho.
7. Ho rohakwe bohale ba bona, hobane e bile bo tukang, le kgalefo ya bona, hobane e ne e sa qenehele! Ke tla ba qadikanya hara Jakobo, ke ba hasanye hara Iseraele.
8. Juda, ke wena eo banabeno ba tlang ho o rorisa; letsoho la hao le tla ba hodima melala ya dira tsa hao, bana ba ntatao ba tla inama pela hao.
9. Juda ke tauana; moraka, o kgutla ho hapeng! o a lalla, o nanara jwaloka tau, le jwaloka tauhadi; ke mang ya ka mo tsosang?
10. Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.
11. O holehile esele ya hae sefateng sa morara, le petsana ya eselana sefateng sa morara se kgethilweng: o hlatswitse diaparo tsa hae veineng, le kobo ya hae mading a morara;
12. mahlo a hae a hadima ke veine, le meno a hae a masweu ke lebese.
13. Sabulone o tla ahella lebopong la lewatle; o tla ba phihlelong ya dikepe, mme meedi ya hae e tla tshwara ho isa Sidone.
14. Issaskare ke esele e matla e bothileng kahara masaka;
15. o bone hoba phomolo e monate, le naha hoba ke e kgahlisang; yaba o sekamisetsa lehetla phahlong, a iketsa mofo ya ntshang lekgetho.
16. Dane o tla ikahlolela setjhaba sa hae jwaloka o mong wa mefuta ya Iseraele.
17. Dane e tla ba noha tseleng, noha e mebalabala mmileng e lomang ditlhako tsa pere, mokalli wa yona a we kasanthao.
18. Jehova, ke lebeletse topollo ya hao!
19. Gade o tla lwantshwa ke makgotla, empa o tla a qhala, a a phallele.
20. Haele Asere, bohobe ba hae e tla ba bo nonneng, o tla hlahisa menate ya marena.
21. Nefthali ke letsa le lokolohileng; dipolelo tsa he ke tse monate.
22. Josefa ke lekala la sefata se behang, lekala la sefate se behang se pela sediba, seo makala a sona a nametseng hodima lerako.
23. Ba phosang ka diqha ba mo phepheditse, ba mo phositse, ba mo hlorisitse.