Genese 49:23-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Ba phosang ka diqha ba mo phepheditse, ba mo phositse, ba mo hlorisitse.

24. Empa seqha sa hae se dutse se tiile, mme matla a matsoho a hae a tiisitswe ke matsoho a senatla sa Jakobo, e leng Modisa le Lefika la Iseraele.

25. Modimo wa ntatao o o thusitseng, Ya matla wohle ya o hlohonolofaditseng ka mahlohonolo a lehodimo le o okametseng, le ka mahlohonolo a bodiba bo dutseng katlase, le ka mahlohonolo a matshwele le a popelo.

26. Dihlohonolofatso tsa ntatao di fetisitse hlohonolofatso tsa bontate moholo, di fihletse matlotlo a marallana a sa feleng; di tla dula hodima hlooho ya Josefa, hloohong ya ya kgethetsweng borena hara banababo!

27. Benjamine ke phiri e rusollang; ka hosasa o ja nama ya se bolailweng, mantsiboya a ikarolele thepa.

28. Ke yona ena meloko kaofela ya Iseraele, e leshome le metso e mmedi, mme ke tsona ditaba tseo ntata bona a di buileng ho bona, a ba hlohonolofatsa, a hlohonolofatsa e mong le e mong ka hlohonolofatso ya hae.

29. A ba laela, a re ho bona: Nna, ke orohela setjhabeng sa heso, le tle le mpate ho bontate, lehaleng le tshimong ya Efrone, Mohethe;

30. lehaheng le tshimong ya Makpela, ka nqa botjihabela ho Mamre, naheng ya Kanana, leo Abrahama a le rekileng hammoho le tshimo ho Efrone, Mohethe, e tle e be setsha sa hae sa mabitla.

31. Ke moo Abrahama le Sara, mohatsa hae, ba patilweng teng; ke moo Isaaka le Rebeka, mohatsa hae, ba patilweng teng; ke moo ke patileng Lea teng.

32. Tshimo le lehaha le ho yona di rekilwe ho bana ba Hethe.

33. Eitse ha Jakobo a qetile ho laela bara ba hae, a busetsa maoto a hae diphateng, a neela moya, a orohela setjhabeng sa habo.

Genese 49