Genese 49:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jakobo a ntoo bitsa bara ba hae, a re:Phuthanang, ke tle ke le tsebise tse tlang ho le hlahela mehleng e tlang.

2. Phuthanang, le mamele, lona bara ba Jakobo, mamelang ntata lona Iseraele.

3. Rubene, ke wena letsibolo la ka, matla a ka, sehlooho sa bonna ba ka; o tshwere sehlooho sa boholo, le sehlooho sa bonatla.

4. O mahlahahlaha jwaloka metsi, ha o ka ke wa ba kapele, hobane wa na wa hlwella malaong a ntatao; o silafaditse malao a ka mohla monene, ha o a hlweletse.

5. Simeone le Levi, ke bana ba mpa; marumo a bona ke dibetsa tse sehloho.

6. Moya wa ka o se ke wa kena lekunutung la bona, bohlophehi ba ka bo se ke ba ikopanya le morero wa bona; hobane bohaleng ba bona ba na ba bolaya batho, mme kgalefong ya bona ba na ba kgaola mesifa ya dipoho.

Genese 49