6. Empa bana ba hao bao o tlang ho ba tswala kamorao ho bana, e tla ba ba hao, mme lefeng la bona ba tla balwa mabitsong a banababo bona.
7. Haele nna, ya na ya re ha ke kgutla Paddane, ka shwelwa ke Ragele naheng ya Kanana, tseleng, ho sa setse sebaka se seng sekae ho ya fihla Efrata, mme ka mo pata teng tseleng e yang Efrata, ke ho re, Bethlehema.
8. Iseraele a bona bara ba babedi ba Josefa, a re: Bao ke bomang?
9. Josefa a re ho ntatae: Ke bara ba ka, bao Modimo o nneileng bona kwano. Yaba o re: Ako ba tlise ho nna, ke ba hlohonolofatse.
10. Empa mahlo a Iseraele a ne a fifetse ke ho tsofala, a sitwa ho bona. Josefa a ba atametsa ho yena; yaba Iseraele o a ba aka, a ba phothoma,
11. Iseraele a re ho Josefa: Ke ne ke sa hopole hoba ke sa tla bona sefahleho sa hao, kanthe ke mona Modimo o bile o ntadimisitse le bana ba hao.
12. Yaba Josefa o ba tlosa mangoleng a ntatae, a inamela fatshe ka sefahleho.
13. Josefa a ntoo ba nka ba babedi a bea Efraime letsohong la hae le letona ho lebisana le letsoho le letshehadi la Iseraele, le Manasse letsohong la hae le letshehadi ho lebisana le letsoho le letona la Iseraele, a ba atametsa ho yena.
14. Empa Iseraele a nanabetsa letsoho le letona, a le bea hloohong ya Efraime, kanthe e le e monyenyene, mme letsoho la hae le letshehadi a le bea hloohong ya Manasse, a fapanya matsoho ka boomo, kanthe Manasse e ne e le e moholo.
15. Yaba o hlohonolofatsa Josefa, a re: Modimo oo bontate Abrahama le Isaaka ba tsamaileng pontsheng ya wona, Modimo o ntisitseng esale ke hlaha ho fihlela kajeno lena,
16. e leng lengeloi le nnamoletseng bobeng bohle, o hlohonolofatse bahlankana bana; ba rewe lebitso la ka, le mabitso a bontate Abrahama le Isaaka, mme ba anafale haholoholo lefatsheng.
17. Empa, eitse ha Josefa a bona hoba ntatae o beile letsoho la hae le letona hloohong ya Efraime, ya eba taba e mo hlokofatsang, mme a emisa letsoho la ntatae ho le tlosa hloohong ya Efraime, a tle a le bee hloohong ya Manasse.