14. Empa Iseraele a nanabetsa letsoho le letona, a le bea hloohong ya Efraime, kanthe e le e monyenyene, mme letsoho la hae le letshehadi a le bea hloohong ya Manasse, a fapanya matsoho ka boomo, kanthe Manasse e ne e le e moholo.
15. Yaba o hlohonolofatsa Josefa, a re: Modimo oo bontate Abrahama le Isaaka ba tsamaileng pontsheng ya wona, Modimo o ntisitseng esale ke hlaha ho fihlela kajeno lena,
16. e leng lengeloi le nnamoletseng bobeng bohle, o hlohonolofatse bahlankana bana; ba rewe lebitso la ka, le mabitso a bontate Abrahama le Isaaka, mme ba anafale haholoholo lefatsheng.
17. Empa, eitse ha Josefa a bona hoba ntatae o beile letsoho la hae le letona hloohong ya Efraime, ya eba taba e mo hlokofatsang, mme a emisa letsoho la ntatae ho le tlosa hloohong ya Efraime, a tle a le bee hloohong ya Manasse.
18. Josefa a re ho ntatae: E seng jwalo, ntate, hobane enwa ke e moholo; bea letsoho la hao le letona hloohong ya hae.
19. Empa ntatae a hana, a re: Ke a tseba, mora ka, ke a tseba! le yena e tla ba setjhaba, le yena o tla ba moholo; leha ho le jwalo, moenae o tla ba moholo ho yena, mme ditloholo tsa hae e tla ba letshwele la ditjhaba.
20. Yaba o ba hlohonolofatsa ka tsatsi leo, a re: Iseraele o tla nne a hlohonolofatse ka wena, a re: Modimo o o etse jwaloka Efraime le jwaloka Manasse. A bea jwalo Efraime ka pele ho Manasse.
21. Iseraele a re ho Josefa: Bona, ke se ke ya shwa, empa Modimo o tla ba le lona, o le busetse lefatsheng la bontata lona.
22. Ke o nea kabelo e nngwe kantle ho ya banabeno, e leng eo ke e hapileng ho Baamore ka lerumo le ka le ka seqha sa ka.