1. Kamora ditaba tsena ba re ho Josefa: Utlwa, ntatao o bohloko. Yaba o nka bara ba hae ba babedi, Manasse le Efraime.
2. Ha tsebiswa Jakobo, ha thwe: Mora hao Josefa ke enwa ya tlang ho wena. Mme Iseraele a itiisa, a dula diphateng.
3. Yaba Jakobo o re ho Josefa: Modimo o matla wohle o kile wa iponahatsa ho nna Luse, naheng ya Kanana, wa ntlhohonolofatsa,
4. wa re ho nna: Bona, ke tla o atisa, ke o anafatse, ke o etse letshwele la ditjhaba, ke o fe lefatshe lena, wena le ditloholo tsa hao kamorao ho wena, e be lefa la kamehla.
5. Mme jwale, bara ba hao ba babedi bao o ba tswaletsweng naheng ya Egepeta, ke eso ho tle ho wena naheng ya Egepeta, e tla ba ba ka; Efraime le Manasse e tla ba ba ka jwaloka Rubene le Simeone.
6. Empa bana ba hao bao o tlang ho ba tswala kamorao ho bana, e tla ba ba hao, mme lefeng la bona ba tla balwa mabitsong a banababo bona.
7. Haele nna, ya na ya re ha ke kgutla Paddane, ka shwelwa ke Ragele naheng ya Kanana, tseleng, ho sa setse sebaka se seng sekae ho ya fihla Efrata, mme ka mo pata teng tseleng e yang Efrata, ke ho re, Bethlehema.
8. Iseraele a bona bara ba babedi ba Josefa, a re: Bao ke bomang?
9. Josefa a re ho ntatae: Ke bara ba ka, bao Modimo o nneileng bona kwano. Yaba o re: Ako ba tlise ho nna, ke ba hlohonolofatse.
10. Empa mahlo a Iseraele a ne a fifetse ke ho tsofala, a sitwa ho bona. Josefa a ba atametsa ho yena; yaba Iseraele o a ba aka, a ba phothoma,
11. Iseraele a re ho Josefa: Ke ne ke sa hopole hoba ke sa tla bona sefahleho sa hao, kanthe ke mona Modimo o bile o ntadimisitse le bana ba hao.
12. Yaba Josefa o ba tlosa mangoleng a ntatae, a inamela fatshe ka sefahleho.
13. Josefa a ntoo ba nka ba babedi a bea Efraime letsohong la hae le letona ho lebisana le letsoho le letshehadi la Iseraele, le Manasse letsohong la hae le letshehadi ho lebisana le letsoho le letona la Iseraele, a ba atametsa ho yena.
14. Empa Iseraele a nanabetsa letsoho le letona, a le bea hloohong ya Efraime, kanthe e le e monyenyene, mme letsoho la hae le letshehadi a le bea hloohong ya Manasse, a fapanya matsoho ka boomo, kanthe Manasse e ne e le e moholo.
15. Yaba o hlohonolofatsa Josefa, a re: Modimo oo bontate Abrahama le Isaaka ba tsamaileng pontsheng ya wona, Modimo o ntisitseng esale ke hlaha ho fihlela kajeno lena,
16. e leng lengeloi le nnamoletseng bobeng bohle, o hlohonolofatse bahlankana bana; ba rewe lebitso la ka, le mabitso a bontate Abrahama le Isaaka, mme ba anafale haholoholo lefatsheng.