8. Faro a re ho Jakobo: Ditshiu tsa ho phela ha hao di kae na?
9. Jakobo a re ho Faro: Ditshiu tsa ho jaka ha ka ke dilemo tse lekgolo le mashome a mararo; ditshiu tsa ho phela ha ka di bile kgutshwanyane, di bile mpe, mme ha di a fihla ditshiung tsa dilemo tsa bontate mehleng ya ho jaka ha bona.
10. Jakobo a hlohonolofatsa Faro, mme a tloha pela Faro.
11. Yaba Josefa o bea ntatae le banababo, a ba nea sebaka naheng ya Egepeta, mononong wa naha, naheng ya Ramsese, kamoo Faro a neng a buile kateng.
12. Josefa a otla ntatae ka bohobe, le banababo, le ntlo ya ntatae kaofela, a ba lekanyetsa ka bongata ba bana.
13. Bohobe bo ne bo le siyo lefatsheng lohle, hobane tlala e ne e totile haholo, mme naha ya Egepeta le naha ya Kanana di ne di tepeletse ka baka la tlala.
14. Josefa a bokella ditjhelete tsohle tse neng di le teng lefatsheng la Egepeta le lefatsheng la Kanana, e leng tsona tsa koro eo ba e rekang, mme Josefa a tlisa ditjhelete tseo ka tlung ya Faro.
15. Eitse ha ditjhelete di fedile naheng ya Egepeta le naheng ya Kanana, Baegepeta kaofela ba tla ho Josefa, ba re: Re fe bohobe; a re ka hla ra shwa pela hao haele mona tjhelete e fedile na?
16. Yabo Josefa o re: Tlisang makgomo a lona, ke tla le fa bohobe bakeng sa makgomo a lona, ha ditjhelete di fedile.
17. Yaba ba tlisa makgomo a bona ho Josefa, mme Josefa a ba nea bohobe bakeng sa dipere, le sa manku le sa mehlape ya makgomo, le sa diesele, mme a ba fepa ka bohobe ka selemo seo sohle bakeng sa mehlape ya bona.
18. Selemo seo ha se fetile, ba tla ho yena ka lemo sa hlahlamang, ba re ho yena: Monghadi, re ke ke ra o patela hoba tjhelete e fedile, le mehlape ya dintho e feletse ho mong a rona, mme ha ho letho le setseng pela mong a rona, haese mmele ya rona le masimo a rona.