7. Josefa a tlisa Jakobo, ntatae, a mmea pela Faro, mme Jakobo a hlohonolofatsa Faro.
8. Faro a re ho Jakobo: Ditshiu tsa ho phela ha hao di kae na?
9. Jakobo a re ho Faro: Ditshiu tsa ho jaka ha ka ke dilemo tse lekgolo le mashome a mararo; ditshiu tsa ho phela ha ka di bile kgutshwanyane, di bile mpe, mme ha di a fihla ditshiung tsa dilemo tsa bontate mehleng ya ho jaka ha bona.
10. Jakobo a hlohonolofatsa Faro, mme a tloha pela Faro.
11. Yaba Josefa o bea ntatae le banababo, a ba nea sebaka naheng ya Egepeta, mononong wa naha, naheng ya Ramsese, kamoo Faro a neng a buile kateng.
12. Josefa a otla ntatae ka bohobe, le banababo, le ntlo ya ntatae kaofela, a ba lekanyetsa ka bongata ba bana.
13. Bohobe bo ne bo le siyo lefatsheng lohle, hobane tlala e ne e totile haholo, mme naha ya Egepeta le naha ya Kanana di ne di tepeletse ka baka la tlala.
14. Josefa a bokella ditjhelete tsohle tse neng di le teng lefatsheng la Egepeta le lefatsheng la Kanana, e leng tsona tsa koro eo ba e rekang, mme Josefa a tlisa ditjhelete tseo ka tlung ya Faro.
15. Eitse ha ditjhelete di fedile naheng ya Egepeta le naheng ya Kanana, Baegepeta kaofela ba tla ho Josefa, ba re: Re fe bohobe; a re ka hla ra shwa pela hao haele mona tjhelete e fedile na?
16. Yabo Josefa o re: Tlisang makgomo a lona, ke tla le fa bohobe bakeng sa makgomo a lona, ha ditjhelete di fedile.
17. Yaba ba tlisa makgomo a bona ho Josefa, mme Josefa a ba nea bohobe bakeng sa dipere, le sa manku le sa mehlape ya makgomo, le sa diesele, mme a ba fepa ka bohobe ka selemo seo sohle bakeng sa mehlape ya bona.
18. Selemo seo ha se fetile, ba tla ho yena ka lemo sa hlahlamang, ba re ho yena: Monghadi, re ke ke ra o patela hoba tjhelete e fedile, le mehlape ya dintho e feletse ho mong a rona, mme ha ho letho le setseng pela mong a rona, haese mmele ya rona le masimo a rona.
19. Na re ka shwa jwang pela hao, rona le lefatshe la rona? Ako re reke jwale, rona le masimo a rona, ka bohobe, mme rona le masimo a rona re tla ba bahlanka ba Faro, mme u re nee peo, re tle re phele, mme re se ke ra shwa, mme masimo a rona a se ke a fetoha nahathothe.
20. Yaba lefatshe lohle la Egepeta Josefa o le rekela Faro, hobane Baegepeta ba ne ba rekisa e mong le e mong ka tshimo ya hae, kahobane tlala e ne e ba qetile, mme naha ya ruwa ke Faro.
21. Haele batho, a ba bokella metseng, ho tloha meeding e ka nqa e nngwe ya Egepeta ho isa nqa e nngwe.
22. Feela, naha ya baprista a se ke a e reka, ka hoba baprista ba ne ba na le kabelo e lekantsweng ke Faro, mme ba eja kabelo ya bona eo ba neng ba e fuwa ke Faro; ke ka baka leo ba sa kang ba rekisa ka masimo a bona.