Genese 47:21-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Haele batho, a ba bokella metseng, ho tloha meeding e ka nqa e nngwe ya Egepeta ho isa nqa e nngwe.

22. Feela, naha ya baprista a se ke a e reka, ka hoba baprista ba ne ba na le kabelo e lekantsweng ke Faro, mme ba eja kabelo ya bona eo ba neng ba e fuwa ke Faro; ke ka baka leo ba sa kang ba rekisa ka masimo a bona.

23. Josefa a re ho setjhaba: Bonang, ke le rekelletse Faro kajeno le masimo a lona; peo ya lona ke ena, le tle le leme naha.

24. Etlare mohla ho kotulwang, karolo ya bohlano le tla e nea Faro, mme karolo tse nne e tla ba tsa lona bakeng sa ho jala masimo le sa ho le fepa le ba matlo a lona, le sa ho fepa bana ba lona.

25. Ba re: O re pholositse! mme jwale, a re boneng mohau mahlong a morena, mme re tla ba bahlanka ba Faro.

26. Ebile moo Josefa a hlomang molao lefatsheng la Egepeta, ho fihlela kajenoabokajeno, hore Faro a newe karolo ya bohlano; masimo a baprista ke wona feela a sa kang a nkwa ke Faro.

27. Yaba Iseraele o aha lefatsheng la Egepeta, naheng ya Goshene, mme ba rua teng, ba ata, ba ngatafala haholoholo.

28. Jakobo a phela lefatsheng la Egepeta dilemo tse leshome le metso e supileng; ditshiu tsa dilemo tsa bophelo ba Jakobo ya eba dilemo tse lekgolo le mashome a mane a metso e supileng.

29. Yare nako eo Jakobo a tlang ho shwa ka yona ha e atametse, a bitsa Josefa, mora hae, a re ho yena: Ekare ha ke fela ke bone mohau mahlong a hao, ako bee letsoho la hao katlasa serope sa ka, mme o nketsetse ka molemo le ka nnete; ke a o rapela, o se ke wa mpata Egepeta,

30. ke mpe ke phomole le bontate; o ntlose Egepeta, o ye ho mpata mabitleng a bona. A re: Ke tla etsa jwalokaha o boletse.

31. A re: Nkanele. Mme a mo anela. Yaba Iseraele o inamela mosamong wa malao a hae.

Genese 47