1. Yaba Josefa o a ya, a tsebisa Faro, a re: Ntate o tswile Kanana, a na le banabeso, le manku a bona, le makgomo a bona, le ntho tsohle tsa bona, mme ke bao naheng ya Goshene.
2. A ba a nka banna ba bahlano ho banababo, a ba hlahisa pela Faro.
3. Faro a re ho banababo Josefa: Mosebetsi wa lona ke ofe? Ba re ho Faro: Bahlanka ba hao re badisa, rona le bontata rona.
4. Ba ba ba re ho Faro: Re tlile ho jaka naheng ena, hobane ha ho makgulo a mehlape ya bahlanka ba hao, ka hoba tlala e kgolo naheng ya Kanana, mme re a o rapela jwale, hore bahlanka ba hao ba ke ba ahe naheng ya Goshene.
5. Faro a bolella Josefa, a re: Ntatao le banabeno ba tlile ho wena.
6. Naha ya Egepeta e pela hao; bea ntatao le banabeno naheng e fetisang ka botle, o ba bee naheng ya Goshene, mme ha o tseba banna ba mahlahahlaha hara bona, o ba bee bahlahlobi ba mehlape ya ka.
7. Josefa a tlisa Jakobo, ntatae, a mmea pela Faro, mme Jakobo a hlohonolofatsa Faro.
8. Faro a re ho Jakobo: Ditshiu tsa ho phela ha hao di kae na?
9. Jakobo a re ho Faro: Ditshiu tsa ho jaka ha ka ke dilemo tse lekgolo le mashome a mararo; ditshiu tsa ho phela ha ka di bile kgutshwanyane, di bile mpe, mme ha di a fihla ditshiung tsa dilemo tsa bontate mehleng ya ho jaka ha bona.
10. Jakobo a hlohonolofatsa Faro, mme a tloha pela Faro.
11. Yaba Josefa o bea ntatae le banababo, a ba nea sebaka naheng ya Egepeta, mononong wa naha, naheng ya Ramsese, kamoo Faro a neng a buile kateng.
12. Josefa a otla ntatae ka bohobe, le banababo, le ntlo ya ntatae kaofela, a ba lekanyetsa ka bongata ba bana.
13. Bohobe bo ne bo le siyo lefatsheng lohle, hobane tlala e ne e totile haholo, mme naha ya Egepeta le naha ya Kanana di ne di tepeletse ka baka la tlala.