30. Iseraele a re ho Josefa: A ke shwe jwale, haele mona ke bone sefahleho sa hao, hoba o sa ntse o phela.
31. Josefa a re ho banababo le ho ba ntlo ya ntatae: Ke sa ya, ke ye ho tsebisa Faro, ke re ho yena: Banabeso le ba ntlo ya ntate ba neng ba le naheng ya Kanana ba fihlile ho nna.
32. Ke badisa, hobane mosebesti wa bona ke ho alosa mehlape, mme ba tlisitse manku le makgomo a bona, le dintho tsohle tseo ba nang le tsona.
33. Etlere ha Faro a le botsa, a re: Mosebetsi wa lona ke ofe?