20. Naheng ya Egepeta, Josefa a tswala Manasse le Efraime, bao a ba tswaletsweng ke Asnathe, moradi wa Poti-Fera, moprista wa One.
21. Bara ba Benjamine: Bela, le Bekere, le Ashbele, le Gera, le Naamane, le Ehi, le Roshe, le Muppime, le Huppime, le Arde.
22. Ke bona bao bara ba Ragele, bao a ba tswaletseng Jakobo; ke batho ba leshome le metso e mene.
23. Bara ba Dane: Hushime.
24. Bara ba Nefthali: Jathetseele, le Guni, le Jetsere, le Shilleme.
25. Ke bona bara ba Bilha, eo Labane a neng a mo neile Ragele, moradi wa hae, mme a ba tswalla Jakobo; ke batho ba supileng.
26. Batho kaofela ba tlileng le Jakobo Egepeta, ba tswileng lethekeng la hae, e ne e le batho ba mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng kantle ho basadi ba bara ba Jakobo.