Genese 46:19-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Bara ba Ragele, mohatsa Jakobo: Josefa le Benjamine.

20. Naheng ya Egepeta, Josefa a tswala Manasse le Efraime, bao a ba tswaletsweng ke Asnathe, moradi wa Poti-Fera, moprista wa One.

21. Bara ba Benjamine: Bela, le Bekere, le Ashbele, le Gera, le Naamane, le Ehi, le Roshe, le Muppime, le Huppime, le Arde.

22. Ke bona bao bara ba Ragele, bao a ba tswaletseng Jakobo; ke batho ba leshome le metso e mene.

23. Bara ba Dane: Hushime.

24. Bara ba Nefthali: Jathetseele, le Guni, le Jetsere, le Shilleme.

25. Ke bona bara ba Bilha, eo Labane a neng a mo neile Ragele, moradi wa hae, mme a ba tswalla Jakobo; ke batho ba supileng.

26. Batho kaofela ba tlileng le Jakobo Egepeta, ba tswileng lethekeng la hae, e ne e le batho ba mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng kantle ho basadi ba bara ba Jakobo.

27. Bara ba Josefa, bao a ba tswaletseng naheng ya Egepeta, ba ne ba le babedi. Batho kaofela ba ntlo ya Jakobo ba neng ba tle Egepeta ba ne ba le mashome a supileng.

28. Jakobo a eteletsa Juda pele, a mo romela ho Josefa, a tle a tsebe ho mo lebisa Goshene; mme ba fihla naheng ya Goshene.

Genese 46