Genese 46:11-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Bara ba Levi: Gershone, Kehathe, le Merari.

12. Bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela, le Peretse, le Sera. Empa Ere le Onane ba ne ba shwele naheng ya Kanana. Bara ba Peretse e ne e le Hetsrone, le Hamule.

13. Bara ba Issaskare: Thola le Puva, le Jobo, le Shimrone.

14. Bara ba Sabulone: Serede, le Elone, le Jahleele.

15. Ke bona bara ba Lea, bao a ba tswaletseng Jakobo Paddan-Arame, le Dina, moradi wa hae. Bara ba hae le baradi ba hae kaofela e ne e le batho ba mashome a mararo a metso e meraro.

16. Bara ba Gade: Tsifione, le Haggi, le Shuni, le Etsbone, le Eri, le Arodi, le Areeli.

17. Bara ba Asere: Jimna, le Jishva, le Jishvi, le Beria, le Sera, kgaitsedi ya bona. Bara ba Beria ke Hebere le Malkiele.

18. Bao ke bara ba Silpa, eo Labane a neng a mo neile Lea, moradi wa hae, mme a ba tswalla Jakobo; ke batho ba leshome le metso e tsheletseng.

19. Bara ba Ragele, mohatsa Jakobo: Josefa le Benjamine.

20. Naheng ya Egepeta, Josefa a tswala Manasse le Efraime, bao a ba tswaletsweng ke Asnathe, moradi wa Poti-Fera, moprista wa One.

21. Bara ba Benjamine: Bela, le Bekere, le Ashbele, le Gera, le Naamane, le Ehi, le Roshe, le Muppime, le Huppime, le Arde.

22. Ke bona bao bara ba Ragele, bao a ba tswaletseng Jakobo; ke batho ba leshome le metso e mene.

23. Bara ba Dane: Hushime.

24. Bara ba Nefthali: Jathetseele, le Guni, le Jetsere, le Shilleme.

25. Ke bona bara ba Bilha, eo Labane a neng a mo neile Ragele, moradi wa hae, mme a ba tswalla Jakobo; ke batho ba supileng.

Genese 46