1. Iseraele a tloha a na le ntho tsa hae kaofela, a fihla Beerseba, a etsetsa Modimo wa Isaaka, ntatae, mahlabelo.
2. Modimo wa bua le Iseraele ka dipono tsa bosiu, wa re: Jakobo! Jakobo! A re: Ke nna enwa.
3. Yaba o re: Ke nna Modimo, Modimo wa ntatao; o se ke wa tshaba ho theohela Egepeta, hobane ke tla o etsa setjhaba se seholo teng.
4. Ke tla theohela Egepeta le wena, ke be ke o buse teng, mme Josefa o tla o kwala mahlo.
5. Yaba Jakobo o tloha Beerseba, mme bara ba Iseraele ba tsamaisa Jakobo, ntata bona, le bana ba bona, le basadi ba bona, ka makoloi ao Faro a a rometseng ho ba lata.
6. Ba nka makgomo a bona, le mesebetsi eo ba e ruileng naheng ya Kanana, ba tla Egepeta: Jakobo le lesika la hae kaofela;
7. bara ba hae le bara ba bara ba hae, baradi ba hae la baradi ba bara ba hae, mofuta wa hae wohle wa tla le yena Egepeta.
8. Mabitso a bara ba Iseraele ba ileng Egepeta ke ana: Jakobo le bara ba hae: Rubene, wa letsibolo wa Jakobo.