Genese 45:5-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Mme jwale, le se ke la tsieleha, la itlhonamela ka hoba la na la rekisa ka nna, ka tla kwano, hobane Modimo o nthomile kapele ho lona hore ke tle ke le pholose.

6. Hobane dilemo ke tsena di pedi tlala e bileng teng lefatsheng, mme ho sa tla dilemo tse hlano tseo ho lema le ho kotula ho tlang ho ba siyo ho tsona.

7. Modimo o nthomile kapele ho lona ho le boloka lefatsheng, le ho le pholosa ka pholoso e kgolo.

8. Mme jwale, hase lona le nthometseng kwano, ke Modimo; o mpeile hore ke be ntata Faro, le morena wa ntlo ya hae yohle, le mmusi wa naha yohle ya Egepeta.

9. Phakisang le ye ho ntate, le re ho yena: Mora hao, Josefa, o re: Modimo o nkentse morena wa Egepeta yohle; theoha, o tle ho nna, o se ke wa dieha!

10. O tla aha naheng ya Goshene, o be haufi le nna, wena le bana ba hao, le bana ba bana ba hao, le manku a hao, le makgomo a hao, le tsohle tseo o nang le tsona.

11. Ke tla o otla teng, hobane dilemo tsa tlala di sa tla di le hlano; hore o se ke wa fumaneha wena le ntlo ya hao, le ba leng ho wena kaofela.

12. Mme jwale, le bona ka mahlo le Benjamine, moenaka o bona ka mahlo hoba ke molomo wa ka o buang le lona;

13. le tle le bolelle ntate boholo ba ka kaofela kwano Egepeta, le tsohle tseo le di bonang, mme le phakiseng le tlise ntate kwano.

14. Yaba o wela molaleng wa Benjamine, moenae, a lla, mme Benjamine le yena a llela molaleng wa hae.

15. A ba a aka banababo kaofela, a lla le bona; yaba banababo ba buisana le yena.

16. Botumo ba utlwahala ka tlung ya Faro ba hore banababo Josefa ba tlile. Faro le bahlanka ba hae ba itumela.

17. Yaba Faro o re ho Josefa: Bolella banabeno, o re: Etsang hona: belesang dipelesa tsa lona, le tsamaye, le boele naheng ya Kanana,

18. le nke ntata lona, le ba matlo a lona; le tle ho nna, ke tswe ke le nea moo ho fetisang ka botle naheng ya Egepeta, mme le je monono wa naha.

19. Mme, jwale, o filwe tokelo ke nna, etsang hona: nkang naheng ya Egepeta makoloi a latang bana ba lona, le basadi ba lona; mme le nke ntata lona, le tle.

Genese 45