Genese 45:20-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Le se ke la qenehela mesebetsi ya lona, hobane tsohle tse ntle tsa lefatshe lohle la Egepeta ke tsa lona.

21. Yaba bara ba Iseraele ba etsa jwalo, mme Josefa a ba nea makoloi ka taelo ya Faro, a ba fa le mefaho ya tsela.

22. A ba nea bohle dikobo, e mong le e mong, tseo ba di aparang tsa mokete, empa a nea Benjamine ditjhelete tse makgolo a mararo, le dikobo tse hlano tsa ho apara ka mokete.

23. Ho ntatae a romela diesele tse leshome, di belesitse mesebetsi ya Egepeta e fetisang ka botle, le diesele tse tshehali tse leshome di belesitse koro, le bohobe, le mefaho ya ntatae ya tsela.

24. A ntoo kgutlisa banababo hore ba tsamaye, mme a re ho bona: Le se ke la qabana tseleng.

25. Yaba ba tloha Egepeta, ba fihla naheng ya Kanana ho Jakobo, ntata bona.

26. Ba mo tsebisa, ba re: Josefa o sa phela, mme ebile ke yena molaodi wa lefatshe lohle la Egepeta. Empa pelo ya hae ya idibana, kahobane a sa kgolwe ke bona.

27. Yaba ba mo phetela mantswe wohle a Josefa, ao a ba boleletseng wona; eitse ha a bona makoloi a rometsweng ke Josefa ho mo lata, pelo ya Jakobo, ntata bona, ya boela ya hlaphoha.

28. Iseraele a re: Ho lekane! Josefa, moraka, o sa phela; ke tla ya, ke ye ho mmona, ke eso ho shwe.

Genese 45