Genese 45:14-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Yaba o wela molaleng wa Benjamine, moenae, a lla, mme Benjamine le yena a llela molaleng wa hae.

15. A ba a aka banababo kaofela, a lla le bona; yaba banababo ba buisana le yena.

16. Botumo ba utlwahala ka tlung ya Faro ba hore banababo Josefa ba tlile. Faro le bahlanka ba hae ba itumela.

17. Yaba Faro o re ho Josefa: Bolella banabeno, o re: Etsang hona: belesang dipelesa tsa lona, le tsamaye, le boele naheng ya Kanana,

18. le nke ntata lona, le ba matlo a lona; le tle ho nna, ke tswe ke le nea moo ho fetisang ka botle naheng ya Egepeta, mme le je monono wa naha.

19. Mme, jwale, o filwe tokelo ke nna, etsang hona: nkang naheng ya Egepeta makoloi a latang bana ba lona, le basadi ba lona; mme le nke ntata lona, le tle.

20. Le se ke la qenehela mesebetsi ya lona, hobane tsohle tse ntle tsa lefatshe lohle la Egepeta ke tsa lona.

21. Yaba bara ba Iseraele ba etsa jwalo, mme Josefa a ba nea makoloi ka taelo ya Faro, a ba fa le mefaho ya tsela.

22. A ba nea bohle dikobo, e mong le e mong, tseo ba di aparang tsa mokete, empa a nea Benjamine ditjhelete tse makgolo a mararo, le dikobo tse hlano tsa ho apara ka mokete.

23. Ho ntatae a romela diesele tse leshome, di belesitse mesebetsi ya Egepeta e fetisang ka botle, le diesele tse tshehali tse leshome di belesitse koro, le bohobe, le mefaho ya ntatae ya tsela.

24. A ntoo kgutlisa banababo hore ba tsamaye, mme a re ho bona: Le se ke la qabana tseleng.

25. Yaba ba tloha Egepeta, ba fihla naheng ya Kanana ho Jakobo, ntata bona.

26. Ba mo tsebisa, ba re: Josefa o sa phela, mme ebile ke yena molaodi wa lefatshe lohle la Egepeta. Empa pelo ya hae ya idibana, kahobane a sa kgolwe ke bona.

27. Yaba ba mo phetela mantswe wohle a Josefa, ao a ba boleletseng wona; eitse ha a bona makoloi a rometsweng ke Josefa ho mo lata, pelo ya Jakobo, ntata bona, ya boela ya hlaphoha.

28. Iseraele a re: Ho lekane! Josefa, moraka, o sa phela; ke tla ya, ke ye ho mmona, ke eso ho shwe.

Genese 45