Genese 45:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ebile moo Josefa a sitwang ho itiisa pontsheng ya bohle ba mo teetseng hare, mme a howa, a re: Batho bohle ba ho nna ba tswe. Mme ha ho a ka ha eba motho ya salang le yena, ha a itsebisa banababo.

2. Yaba o phahamisa lentswe, a lla, mme Baegepeta ba utlwa, le ba ntlo ya Faro ba utlwa.

3. Yaba Josefa o re ho banababo: Ke nna Josefa; a ntate o sa phela na? Empa banababo ba sitwa ho mo araba, hobane ba ne ba sisimoloha ha ba mmona.

4. Josefa a re ho banababo: Nkatameleng hle! Ba mo atamela. A re: Ke nna Josefa, ngwanabo lona, eo le rekileng ka nna, ke tle ke iswe Egepeta.

5. Mme jwale, le se ke la tsieleha, la itlhonamela ka hoba la na la rekisa ka nna, ka tla kwano, hobane Modimo o nthomile kapele ho lona hore ke tle ke le pholose.

6. Hobane dilemo ke tsena di pedi tlala e bileng teng lefatsheng, mme ho sa tla dilemo tse hlano tseo ho lema le ho kotula ho tlang ho ba siyo ho tsona.

7. Modimo o nthomile kapele ho lona ho le boloka lefatsheng, le ho le pholosa ka pholoso e kgolo.

8. Mme jwale, hase lona le nthometseng kwano, ke Modimo; o mpeile hore ke be ntata Faro, le morena wa ntlo ya hae yohle, le mmusi wa naha yohle ya Egepeta.

9. Phakisang le ye ho ntate, le re ho yena: Mora hao, Josefa, o re: Modimo o nkentse morena wa Egepeta yohle; theoha, o tle ho nna, o se ke wa dieha!

10. O tla aha naheng ya Goshene, o be haufi le nna, wena le bana ba hao, le bana ba bana ba hao, le manku a hao, le makgomo a hao, le tsohle tseo o nang le tsona.

11. Ke tla o otla teng, hobane dilemo tsa tlala di sa tla di le hlano; hore o se ke wa fumaneha wena le ntlo ya hao, le ba leng ho wena kaofela.

Genese 45