4. Eitse hobane ba tswe motseng, ba eso ho be hole, Josefa a re ho mohlahlobi wa ntlo ya hae: Raoha, a phallele batho bao, mme moo o ba fihlelang, o re ho bona: Ke ka baka lang ha le lefeletse botle ka bobe?
5. Na ha le na senwelo seo morena ka a nwang ho sona, le ho noha a bileng a noha ka sona? Le sitilwe ha le entse jwalo!
6. Yare moo a ba fihlelang, a ba bolella jwalo.
7. Ba re ho yena: We! ke ka baka lang ha morena a bua taba tse jwalo? Ekaba ke sehloho se jwang ha rona bahlanka ba hao re ka etsa jwalo!
8. Hle ke moo tjhelete eo ra nang ra e fumana melomong ya mekotla ya rona re hlile re e buseditse ho wena ha re etswa naheng ya Kanana; a re ne re ka utswa jwang silefera kapa kgauta ka tlung ya morena wa hao na?
9. Ho bahlanka ba hao eo se ka fumanwang ho yena, ha a shwe; esita le rona re tla ba makgoba a morena.
10. A re: Ke teng, a ho etswe ka polelo tsa lona; motho eo se ka fumanwang ho yena, e tla ba lekgoba la ka, mme lona etlaba ha le molato.
11. Yaba ba phakisa ba bofollela mekotla ya bona fatshe, e mong le e mong a lokolla mokotla wa hae.
12. Yaba o phenyokolla ho qala ka e moholo ho qetella ka e monyenyane; mme senwelo sa fumanwa mokotleng wa Benjamine.
13. Yaba ba hahola diaparo tsa bona, mme e mong le e mong a boela a belesa esele ya hae, ba kgutlela motseng.
14. Juda le banababo ba tla tlung ya Josefa, hobane o ne a sa ntse a le teng, mme ba itihela fatshe pela hae.
15. Josefa a re ho bona: Ke ho etsa jwang ha le etsa jwalo? Na ha le tsebe hoba motho ya jwaloka nna o fela a tseba ho noha?
16. Juda a re: Re tla reng ho morena ka? re tla bua dife, kapa re tle itlhatswa jwang? Modimo o fihletse bokgopo jwa bahlanka ba hao; bona, re se re le makgoba a morena ka, rona le motho eo senwelo se fumanweng ho yena.
17. Yaba o re: Nke ke ka ba ka etsa taba eo! Motho eo senwelo se fumanweng ho yena, ke yena ya tlang ho ba lekgoba la ka, empa lona, ikeleng ka kgotso ho ntata lona.