Genese 44:4-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Eitse hobane ba tswe motseng, ba eso ho be hole, Josefa a re ho mohlahlobi wa ntlo ya hae: Raoha, a phallele batho bao, mme moo o ba fihlelang, o re ho bona: Ke ka baka lang ha le lefeletse botle ka bobe?

5. Na ha le na senwelo seo morena ka a nwang ho sona, le ho noha a bileng a noha ka sona? Le sitilwe ha le entse jwalo!

6. Yare moo a ba fihlelang, a ba bolella jwalo.

7. Ba re ho yena: We! ke ka baka lang ha morena a bua taba tse jwalo? Ekaba ke sehloho se jwang ha rona bahlanka ba hao re ka etsa jwalo!

8. Hle ke moo tjhelete eo ra nang ra e fumana melomong ya mekotla ya rona re hlile re e buseditse ho wena ha re etswa naheng ya Kanana; a re ne re ka utswa jwang silefera kapa kgauta ka tlung ya morena wa hao na?

9. Ho bahlanka ba hao eo se ka fumanwang ho yena, ha a shwe; esita le rona re tla ba makgoba a morena.

10. A re: Ke teng, a ho etswe ka polelo tsa lona; motho eo se ka fumanwang ho yena, e tla ba lekgoba la ka, mme lona etlaba ha le molato.

11. Yaba ba phakisa ba bofollela mekotla ya bona fatshe, e mong le e mong a lokolla mokotla wa hae.

12. Yaba o phenyokolla ho qala ka e moholo ho qetella ka e monyenyane; mme senwelo sa fumanwa mokotleng wa Benjamine.

13. Yaba ba hahola diaparo tsa bona, mme e mong le e mong a boela a belesa esele ya hae, ba kgutlela motseng.

Genese 44