Genese 44:26-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Ra re ho yena: Re sitwa ho boela; ekare ha ngwanabo rona e monyenyane a na le rona, ke hona re ka theohang, hobane re ke ke ra bona sefahleho sa monna eo, ha ngwanabo rona e monyenyane a se ho rona.

27. Mohlanka wa hao, ntate, a re ho rona: Le a tseba hobane mosadi wa ka o ne a ntswalle bara ba le babedi.

28. E mong o ntahlehetse, mme ke itse: Ruri o rusolotswe, mme ho tloha moo ha ke a ka ka hlola ke mmona.

29. Ekare ha le ka tlosa le enwa ho nna, mme a hlahelwa ke kotsi, le tla theosetsa moriri wa ka o moputswa nqalong ya bafu ka bohloko.

30. Mme jwale, ha nka kgutlela ho mohlanka wa hao, ntate, re se na ngwana eo moya wa ntate o kgomarelaneng le moya wa hae,

31. etlare ha a bona hoba ngwana o siyo, o tla shwa, mme etlaba rona bahlanka ba hao re theoseditse moriri o moputswa wa mohlanka wa hao, ntata rona, nqalong ya bafu ka bohloko.

32. Hobane ke le mohlanka wa hao, ke itlamile ho ntate ka ngwana, ka re: Ekare ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, ke tla ba le molato ho ntate kamehla.

33. Jwale he, ke a o rapela, ke le mohlanka wa hao, nke ke sale bakeng sa ngwana, ke be mofo wa morena, mme ngwana a kgutlele le banababo.

34. Hobane nka kgutlela jwang ho ntate, ke se na ngwana eo? Oho! ke se ke ka bona mahlomola a tlang ho hlahela ntate!

Genese 44