20. Ra re ho morena rona: Re na le ntata rona, motho ya tsofetseng, le ngwana ya mo hlahetseng botsofading ba hae, e monyenyane: ngwanabo o shwele, mme ke yena ya setseng wa mmae a nnotshi, mme ntatae o a mo rata.
21. Wa re ho bahlanka ba hao: Mo tliseng ho nna, ke tle ke mmone ka mahlo a ka.
22. Ra re ho morena ka: Mohlankana eo ha a na ho tlohela ntatae; ha a ka tloha ho ntatae, ntatae a ka shwa.
23. Wa re ho bahlanka ba hao: Ha moena lona e monyenyane a sa tle le lona, le ke ke la hlola le bona sefahleho sa ka.
24. Eitse hobane re boele ho mohlanka wa hao, ntate, ra mmolella mantswe a morena ka.
25. Ntate a re ho rona: Kgutlelang le ye ho re rekela dijonyana.
26. Ra re ho yena: Re sitwa ho boela; ekare ha ngwanabo rona e monyenyane a na le rona, ke hona re ka theohang, hobane re ke ke ra bona sefahleho sa monna eo, ha ngwanabo rona e monyenyane a se ho rona.
27. Mohlanka wa hao, ntate, a re ho rona: Le a tseba hobane mosadi wa ka o ne a ntswalle bara ba le babedi.
28. E mong o ntahlehetse, mme ke itse: Ruri o rusolotswe, mme ho tloha moo ha ke a ka ka hlola ke mmona.
29. Ekare ha le ka tlosa le enwa ho nna, mme a hlahelwa ke kotsi, le tla theosetsa moriri wa ka o moputswa nqalong ya bafu ka bohloko.
30. Mme jwale, ha nka kgutlela ho mohlanka wa hao, ntate, re se na ngwana eo moya wa ntate o kgomarelaneng le moya wa hae,
31. etlare ha a bona hoba ngwana o siyo, o tla shwa, mme etlaba rona bahlanka ba hao re theoseditse moriri o moputswa wa mohlanka wa hao, ntata rona, nqalong ya bafu ka bohloko.
32. Hobane ke le mohlanka wa hao, ke itlamile ho ntate ka ngwana, ka re: Ekare ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, ke tla ba le molato ho ntate kamehla.