Genese 44:19-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Morena ka o kile a botsa bahlanka ba hao, a re: A le na le ntata lona, kapa ngwanabo lona na?

20. Ra re ho morena rona: Re na le ntata rona, motho ya tsofetseng, le ngwana ya mo hlahetseng botsofading ba hae, e monyenyane: ngwanabo o shwele, mme ke yena ya setseng wa mmae a nnotshi, mme ntatae o a mo rata.

21. Wa re ho bahlanka ba hao: Mo tliseng ho nna, ke tle ke mmone ka mahlo a ka.

22. Ra re ho morena ka: Mohlankana eo ha a na ho tlohela ntatae; ha a ka tloha ho ntatae, ntatae a ka shwa.

23. Wa re ho bahlanka ba hao: Ha moena lona e monyenyane a sa tle le lona, le ke ke la hlola le bona sefahleho sa ka.

24. Eitse hobane re boele ho mohlanka wa hao, ntate, ra mmolella mantswe a morena ka.

25. Ntate a re ho rona: Kgutlelang le ye ho re rekela dijonyana.

Genese 44