1. Josefa a laela mohlahlobi wa ntlo ya hae, a re: Tshela mekotla ya batho bao koro, o lekanye kamoo ba ka belesang kateng; o busetse tjhelete ya e mong le e mong molomong wa mokotla wa hae.
2. O kenye le senwelo sa ka, senwelo sa silefera, molomong wa mokotla wa e monyenyane, le tjhelete ya koro ya hae. A etsa kamoo Josefa a mo laetseng kateng.
3. Yare ka meso banna bao ba kgutliswa le diesele tsa bona.
4. Eitse hobane ba tswe motseng, ba eso ho be hole, Josefa a re ho mohlahlobi wa ntlo ya hae: Raoha, a phallele batho bao, mme moo o ba fihlelang, o re ho bona: Ke ka baka lang ha le lefeletse botle ka bobe?
5. Na ha le na senwelo seo morena ka a nwang ho sona, le ho noha a bileng a noha ka sona? Le sitilwe ha le entse jwalo!
6. Yare moo a ba fihlelang, a ba bolella jwalo.
7. Ba re ho yena: We! ke ka baka lang ha morena a bua taba tse jwalo? Ekaba ke sehloho se jwang ha rona bahlanka ba hao re ka etsa jwalo!
8. Hle ke moo tjhelete eo ra nang ra e fumana melomong ya mekotla ya rona re hlile re e buseditse ho wena ha re etswa naheng ya Kanana; a re ne re ka utswa jwang silefera kapa kgauta ka tlung ya morena wa hao na?