Genese 43:7-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ba re: Monna eo o re botsisitse hodima rona le hodima babo rona, a re: A ntata lona o sa phela na? A ngwanabo lona e mong o teng na? Ra mmolella kamoo a re botsang kateng. Na re ne re ka tseba jwang hoba o tla re: Tsamayang, le ye ho lata ngwanabo lona?

8. Juda a a ba a re ho Iseraele, ntatae: Roma moshanyana le rona, re tswe re tloha re tsamaya, re tle re pholohe, re se ke ra shwa, rona, le wena, le bana ba rona.

9. Ke itlama bakeng sa hae, o tla mmatla letsohong la ka, mme ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, ka mmea pela hao, ke tla ba molato ho wena kamehla;

10. hobane hojane ha re a dieha, re ka be re se re boile makgetlo a mabedi jwale.

11. Yaba Iseraele, ntata bona, o re ho bona: Ha e ka kgona ho be jwalo, etsang hona: Kenyang mekotleng ya lona dintho tsa bohlokwa tsa naha, le nyehelle motho eo ka tsona; le nkeng balsame, le dinotshi, le dinoko, le mirra, le ditholwana, le diamanda.

12. Le nkeng le tjhelete e nngwe hape matsohong a lona, le tjhelete e kgutliseditsweng melomong ya mekotla ya lona le e kgutliseng; ekaba e ne e le kgakang.

13. Le be le nke ngwanabo lona, le tloheng, le boeleng ho motho eo.

14. Modimo o matla wohle o ke o le fumanise mohau ho motho eo, a tle a le buseletse ngwanabo lona e mong le Benjamine! Haele nna, ha ke timellwa ke bana, ke mpe ke timellwe!

15. Yaba banna bao ba nka nyehelo eo, ba nka le tjhelete e nngwe hape matsohong a bona, ba nka le Benjamine, ba tloha, ba ya Egepeta, ba hlaha pela Josefa.

16. Eitse ha Josefa a bona Benjamine a le ho bona, a re ho mohlahlobi wa ntlo ya hae: Isa banna bana hae, o hlabe, o lokise; hobane banna bana ba tla ja le nna motshehare.

17. Monna eo a etsa kamoo Josefa a laetseng kateng, a isa banna bao tlung ya Josefa.

18. Yaba banna bao ba tshoha, ha ba iswa tlung ya Josefa, ba re: Ke ka baka la tjhelete tse kgutliseditsweng mekotleng ya rona mohlang oo re iswang teng, re tle re tsekiswe, a re tsohele matla, a re tshware rona le diesele tsa rona, a re etse makgoba a hae.

Genese 43