Genese 43:22-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Re bile re tlisitse le tjhelete e nngwe matsohong a rona ho tla reka dijo; ha re tsebe hore a ke mang ya buseditseng tjhelete ya rona mekotleng ya rona.

23. A re ho bona: Kgotso e be le lona! Se tshabeng; Modimo wa lona, e leng le Modimo wa ntata lona, ke wona o le neileng leruo mekotleng ya lona; tjhelete ya lona ya na ya fihla ho nna. A ba a ba tlisetsa Simeone.

24. Yaba motho eo o tlisa banna bao ka tlung ya Josefa, a ba nea metsi a hlatswang maoto a bona, a fepa le diesele tsa bona.

25. Ba lokisa nyehelo ho e beela Josefa ha a etla motshehare; ka hoba ba ne ba utlwile hore ba tla ja teng.

26. Eitse ha Josefa a etla ka tlung, ba mo tlisetsa tlung nyehelo eo ba nang le yona matsohong, mme ba inamela fatshe pela hae.

27. Yaba o ba botsa tsa ho phela ha bona, a re: Ntata lona o sa ntse a dutse hantle, leqheku leo le mpoleletseng lona na? O sa ntse a phela na?

28. Ba re: Mohlanka wa hao, ntata rona, o dutse hantle, o sa ntse a pholohile. Ba inama, ba kgumama.

29. Yaba o lelatsa mahlo a hae, a bona Benjamine, moenae, ngwana mmae, a re: A ke yena eo ngwanabo lona e monyenyane, eo le mpoleletseng yena? A re: Modimo o o rekolohele, mora wa ka!

30. Josefa a phakisa a tloha, hobane pelo ya hae e ne e hlomohela moenae, mme a batla moo a ka llelang teng; a kena tlung e kahare, a llela teng.

31. A ntoo iphotla sefahleho, a boela a tswa a itiisa, a re: Tsholang dijo.

32. Ba mo tsholela kahosele, le bona ba tsholelwa kahosele, le Baegepeta ba jang le yena ba tsholelwa kahosele; hobane Baegepeta ha ba na ho ja le Baheberu, hobane ke manyala ho Baegepeta.

33. Ba dudiswa pela hae, e moholo ka boholo ba hae, le e monyenyane ka bonyenyane ba hae, mme banna bao ba tadimana ka ho tsota.

34. A ba abela dijo tse pela hae, mme kabelo ya Benjamine ya fetisa dikabelo tsa bona kaofela hahlano. Mme ba enwa, ba thaba le yena.

Genese 43