20. ba re: Oho monghadi, re fela re ne re tlile la pele ho tla reka dijo;
21. yare ha re fihla moo ho robalwang, ra lokolla mekotla ya rona; ra tshoha tjhelete ya e mong le e mong e le molomong wa mokotla wa hae, tjhelete ya rona ka tekanyo ya yona, mme re boetse re e tlisitse matsohong a rona.
22. Re bile re tlisitse le tjhelete e nngwe matsohong a rona ho tla reka dijo; ha re tsebe hore a ke mang ya buseditseng tjhelete ya rona mekotleng ya rona.
23. A re ho bona: Kgotso e be le lona! Se tshabeng; Modimo wa lona, e leng le Modimo wa ntata lona, ke wona o le neileng leruo mekotleng ya lona; tjhelete ya lona ya na ya fihla ho nna. A ba a ba tlisetsa Simeone.
24. Yaba motho eo o tlisa banna bao ka tlung ya Josefa, a ba nea metsi a hlatswang maoto a bona, a fepa le diesele tsa bona.
25. Ba lokisa nyehelo ho e beela Josefa ha a etla motshehare; ka hoba ba ne ba utlwile hore ba tla ja teng.
26. Eitse ha Josefa a etla ka tlung, ba mo tlisetsa tlung nyehelo eo ba nang le yona matsohong, mme ba inamela fatshe pela hae.
27. Yaba o ba botsa tsa ho phela ha bona, a re: Ntata lona o sa ntse a dutse hantle, leqheku leo le mpoleletseng lona na? O sa ntse a phela na?
28. Ba re: Mohlanka wa hao, ntata rona, o dutse hantle, o sa ntse a pholohile. Ba inama, ba kgumama.
29. Yaba o lelatsa mahlo a hae, a bona Benjamine, moenae, ngwana mmae, a re: A ke yena eo ngwanabo lona e monyenyane, eo le mpoleletseng yena? A re: Modimo o o rekolohele, mora wa ka!
30. Josefa a phakisa a tloha, hobane pelo ya hae e ne e hlomohela moenae, mme a batla moo a ka llelang teng; a kena tlung e kahare, a llela teng.
31. A ntoo iphotla sefahleho, a boela a tswa a itiisa, a re: Tsholang dijo.
32. Ba mo tsholela kahosele, le bona ba tsholelwa kahosele, le Baegepeta ba jang le yena ba tsholelwa kahosele; hobane Baegepeta ha ba na ho ja le Baheberu, hobane ke manyala ho Baegepeta.