11. Yaba Iseraele, ntata bona, o re ho bona: Ha e ka kgona ho be jwalo, etsang hona: Kenyang mekotleng ya lona dintho tsa bohlokwa tsa naha, le nyehelle motho eo ka tsona; le nkeng balsame, le dinotshi, le dinoko, le mirra, le ditholwana, le diamanda.
12. Le nkeng le tjhelete e nngwe hape matsohong a lona, le tjhelete e kgutliseditsweng melomong ya mekotla ya lona le e kgutliseng; ekaba e ne e le kgakang.
13. Le be le nke ngwanabo lona, le tloheng, le boeleng ho motho eo.
14. Modimo o matla wohle o ke o le fumanise mohau ho motho eo, a tle a le buseletse ngwanabo lona e mong le Benjamine! Haele nna, ha ke timellwa ke bana, ke mpe ke timellwe!
15. Yaba banna bao ba nka nyehelo eo, ba nka le tjhelete e nngwe hape matsohong a bona, ba nka le Benjamine, ba tloha, ba ya Egepeta, ba hlaha pela Josefa.
16. Eitse ha Josefa a bona Benjamine a le ho bona, a re ho mohlahlobi wa ntlo ya hae: Isa banna bana hae, o hlabe, o lokise; hobane banna bana ba tla ja le nna motshehare.
17. Monna eo a etsa kamoo Josefa a laetseng kateng, a isa banna bao tlung ya Josefa.
18. Yaba banna bao ba tshoha, ha ba iswa tlung ya Josefa, ba re: Ke ka baka la tjhelete tse kgutliseditsweng mekotleng ya rona mohlang oo re iswang teng, re tle re tsekiswe, a re tsohele matla, a re tshware rona le diesele tsa rona, a re etse makgoba a hae.
19. Ba atamela mohlahlobi wa ntlo ya Josefa, ba bua le yena monyako wa ntlo,