36. Yaba Jakobo, ntata bona, o re ho bona: Le ntlhokisitse bana! Josefa o siyo, le Simeone o siyo, mme jwale le nkamoha le Benjamine; ditaba tsena kaofela di a mpolaya.
37. Rubene a arabela ntatae, a re: Ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, o tle o bolaye bara ba ka ba babedi; nnee yena matsohong a ka, mme ke tla mmusetsa ho wena.
38. Empa a re: Moraka a ke se ke a tsamaya le lona; hobane moholwane wa hae o shwele, mme yena o siilwe a nnotshi; ekare ha a ka hlahelwa ke kotsi leetong leo le le tsamayang, le tla theosetsa moriri wa ka o moputswa nqalong ya bafu ka bohloko.