Genese 42:3-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Yaba banababo Josefa ba leshome ba theoha ho ya reka koro Egepeta.

4. Empa haele Benjamine, moena Josefa, Jakobo ha a ka a mo roma le banababo, kahobane o ne a re: Mohlomong a ka tshoha a hlahelwa ke kotsi.

5. Yaba bara ba Iseraele ba ya reka, ba na le ba bang ba yang teng, hobane tlala e ne e le teng naheng ya Kanana.

6. Josefa e ne e le yena ya busang naha, ya rekisang ho batho bohle ba naha; yaba banababo Josefa ba tla, ba inamela fatshe ka difahleho pela Josefa.

7. Josefa a bona banababo, a ba tseba, empa a iketsa motho ya sa ba tsebeng; a bua le bona ka matla, a re ho bona: Le tswa kae? Ba re: Re tswa naheng ya Kanana; re tlile ho reka dijo.

8. Josefa a tseba banababo, empa bona ha ba ka ba mo tseba.

9. Yaba Josefa o hopola ditoro tseo a neng a di lorile hodima bona, a re ho bona: Le dihlwela, le tlile ho bona dibaka tsa naha tse leng feela.

10. Ba re ho yena: Tjhe, morena, re bahlanka ba hao ba tlileng ho reka dijo.

11. Kaofela ha rona re bara ba monna a le mong, re batho ba sebele, bahlanka ba hao, ha re dihlwela.

12. A re ho bona: Tjhe bo, le mpa le tlile ho bona dibaka tsa naha tse leng feela.

13. Ba re: Bahlanka ba hao, re batho ba leshome le metso e mmedi, bara ba monna a le mong, naheng ya Kanana, mme e monyenyane o kwana ho ntata rona kajeno, e mong yena o se a le siyo.

14. Josefa a re ho bona: Ke yona taba eo ke le boleletseng yona, ka re:

15. Le dihlwela! Le tla lekwa ka taba ena: Ka bophelo ba Faro, ha le ka ke la tswa mona, haese hoba moenalona e monyenyane a tle kwano.

Genese 42