Genese 42:20-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. le ntoo ntlisetsa ngwanabo lona e monyenyane, mantswe a lona a tle a netafale, le tle le se ke la shwa. Mme ba etsa jwalo.

21. Yaba ba bolellana, ba re: Kannete, ra na ra sitelwa ngwanabo rona, ha re ne re bona masisapelo a hae, ra mpa ra hana ho mo utlwa, ha a ntse a re rapela; ke ka baka lena tlokotsi ena e re hlahelang.

22. Rubene a ba araba, a re: Na ha ke a ka ka le bolella, ka re: Se etseng sehloho ka ngwanabo lona, la mpa la hana ho utlwa? Ke mona madi a hae a latilwe.

23. Empa ba ne ba sa tsebe hobane Josefa o a ba utlwa; hobane o ne a buisana le bona ka motoloki.

24. Josefa a ba tlohela, a ya lla. Yaba o boela a kgutlela ho bona, a bua le bona, a kgetha Simeone ho bona, a mo tlama pela bona.

25. Yaba Josefa o laela hore mekotla ya bona e tlatswe ka koro, le hore tjhelete ya e mong le e mong e busetswe mokotleng wa hae, mme ba newe mefaho ya tsela. Ba etsetswa jwalo.

26. Yaba ba belesa diesele tsa bona koro, ba tloha.

27. E mong wa bona eitse ha a lokolla mokotla wa hae, a re o fepa esele ya hae moo ho robalwang teng, a bona tjhelete ya hae e dutse molomong wa mokotla wa hae.

28. A re ho banababo: Tjhelete ya ka ke e buseditswe, ebile ke ena mokotleng wa ka! Yaba pelo tsa bona di a tepella, ba bolellana ba tshohile, ba re: Na Modimo o re etseditseng taba ena?

29. Yare ha ba fihla ho Jakobo, ntata bona, naheng ya Kanana, ba mo tsebisa tsohle tse ba hlahetseng, ba re:

30. Monna eo, e leng yena morena wa naha, o buile le rona kathata, a re, re tlile ho hlwela naha;

31. mme ra re ho yena: Re batho ba sebele, ha re dihlwela;

32. re batho ba leshome le metso e mmedi, bara ba monna a le mong; e mong wa rona o se a le siyo, mme e monyenyane o ho ntata rona kwana naheng ya Kanana.

33. Monna eo, e leng morena wa naha, a re ho rona: Moo ke tlang ho tseba hoba le batho ba sebele, ke ha le ka tlohela e mong wa banababo lona ho nna, mme la nkela ba matlo a lona ba tlaleng dijo, la ikela;

34. la ntoo ntlisetsa ngwanabo lona e monyenyane; mme ke hona ke tla tseba hoba ha le dihlwela, le mpa le le batho ba sebele, ke tswe ke le nea ngwanabo lona, mme le tsebe ho hweba naheng ena.

Genese 42