Genese 42:15-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Le dihlwela! Le tla lekwa ka taba ena: Ka bophelo ba Faro, ha le ka ke la tswa mona, haese hoba moenalona e monyenyane a tle kwano.

16. Romang e mong wa lona, a ye ho lata moena lona; haele lona, le tla sala le tlamilwe, hore ho tle ho bonahale hore na nnete e teng mantsweng a lona. Ha ho se jwalo, ka bophelo ba Faro, etlaba le dihlwela.

17. Yaba o ba kenya teronkong hammoho ka ditshiu tse tharo.

18. Ka tsatsi la boraro, Josefa a re ho bona: Etsang hona, le tle le phele; ke motho ya tshabang Modimo.

19. Ha ekaba le fela le le batho ba sebele, e mong wa lona, ngwanabo lona, ha a ke a sale tlung ya teronko ya lona, mme lona le tsamaye, le isetse ba habo lona ba tlaleng koro,

20. le ntoo ntlisetsa ngwanabo lona e monyenyane, mantswe a lona a tle a netafale, le tle le se ke la shwa. Mme ba etsa jwalo.

21. Yaba ba bolellana, ba re: Kannete, ra na ra sitelwa ngwanabo rona, ha re ne re bona masisapelo a hae, ra mpa ra hana ho mo utlwa, ha a ntse a re rapela; ke ka baka lena tlokotsi ena e re hlahelang.

22. Rubene a ba araba, a re: Na ha ke a ka ka le bolella, ka re: Se etseng sehloho ka ngwanabo lona, la mpa la hana ho utlwa? Ke mona madi a hae a latilwe.

23. Empa ba ne ba sa tsebe hobane Josefa o a ba utlwa; hobane o ne a buisana le bona ka motoloki.

24. Josefa a ba tlohela, a ya lla. Yaba o boela a kgutlela ho bona, a bua le bona, a kgetha Simeone ho bona, a mo tlama pela bona.

Genese 42