Genese 42:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse ha Jakobo a bona hoba koro e teng Egepeta, Jakobo a re ho bara ba hae: Le tadimelanang?

2. A ba a re: Bonang, ke utlwile hoba koro e teng Egepeta, theohang, le ye teng, le re rekele teng, re tle re pholohe, re se ke ra shwa.

3. Yaba banababo Josefa ba leshome ba theoha ho ya reka koro Egepeta.

4. Empa haele Benjamine, moena Josefa, Jakobo ha a ka a mo roma le banababo, kahobane o ne a re: Mohlomong a ka tshoha a hlahelwa ke kotsi.

5. Yaba bara ba Iseraele ba ya reka, ba na le ba bang ba yang teng, hobane tlala e ne e le teng naheng ya Kanana.

6. Josefa e ne e le yena ya busang naha, ya rekisang ho batho bohle ba naha; yaba banababo Josefa ba tla, ba inamela fatshe ka difahleho pela Josefa.

Genese 42