Genese 41:54-57 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

54. mme dilemo tse supileng tsa tlala tsa qala ho fihla, kamoo Josefa a neng a boletse kateng, tlala ya eba teng dinaheng tsohle, empa naheng yohle ya Egepeta bohobe bo ne bo le teng.

55. Yare ha naha yohle ya Egepeta e kenwa ke tlala, setjhaba sa llela bohobe ho Faro; Faro a re ho Baegepeta kaofela: Eyang ho Josefa, le etseng seo a tlang ho le bolella sona.

56. Tlala e ne e aparetse naha yohle; yaba Josefa o bula mediko kaofela, a rekisa ho Baegepeta; mme tlala ya nna ya tota lefatsheng la Egepeta.

57. Ba dinaha tsohle ba tla Egepeta, ho tla reka ho Josefa, hobane tlala e ne e le kgolo lefatsheng lohle.

Genese 41