Genese 41:45-55 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

45. Faro a rea Josefa lebitso la Tsafnathe-Paeneake (mophutholli wa tse patilweng), mme a mo nea mosadi, Asnathe, moradi wa Poti-Fera, moprista wa One. Yaba Josefa o ya hlahloba lefatshe la Egepeta.

46. Josefa o ne a na le dilemo tse mashome a mararo mohla a emang pela Faro, morena wa Egepeta. Mme Josefa a tswa pela Faro, a ya lekola naha yohle ya Egepeta.

47. Ka dilemo tse supileng tsa nala, lefatshe la bea ka ho fetisisa.

48. Yaba o bokella dijo kaofela tsa dilemo tse supileng, tse nnileng tsa eba teng fatsheng la Egepeta, a boloka dijo metseng, a bea motseng o mong le o mong dijo tsa naha e ka mathoko.

49. Josefa a bokella koro e ka ka lehlabathe la lewatle ka bongata, e ngata-ngata, ho fihlela a ba a lesa ho e bala, hobane e ne e se na palo.

50. Bara ba babedi ba ne ba tswallwe Josefa dilemo tsa tlala di eso ho fihle, bao Asnathe, moradi wa Poti-Fera, moprista wa One, a neng a mo tswalle bona.

51. E moholo, Josefa a mo rea lebitso la Manasse (ya lebadisang), a re: Ke hobane Modimo o ntebadisitse ho hlora ha ka kaofela, le ntlo yohle ya ntate.

52. E monyenyane a mo rea lebitso la Efraime (ya behang), a re: Ke hobane Modimo o nkatiseditse lefatsheng la tlokotsi ya ka.

53. Yaba dilemo tse supileng tsa nala tse bileng teng naheng ya Egepeta di a fela;

54. mme dilemo tse supileng tsa tlala tsa qala ho fihla, kamoo Josefa a neng a boletse kateng, tlala ya eba teng dinaheng tsohle, empa naheng yohle ya Egepeta bohobe bo ne bo le teng.

55. Yare ha naha yohle ya Egepeta e kenwa ke tlala, setjhaba sa llela bohobe ho Faro; Faro a re ho Baegepeta kaofela: Eyang ho Josefa, le etseng seo a tlang ho le bolella sona.

Genese 41