Genese 41:38-50 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

38. Yaba Faro o re ho bahlanka ba hae: Na re ka hla ra fumana motho ya tshwanang le enwa, eo Moya wa Modimo o leng ho yena?

39. Faro a re ho Josefa: Haele mona Modimo o o senoletse taba tsena tsohle, ha ho motho ya utlwisisang, ya bohlale jwaloka wena.

40. Ke wena ya tlang ho ba mmusisi wa ntlo ya ka, mme setjhaba sa ka kaofela se tla buswa ka molomo wa hao; ke tla ba moholo ho wena ka terone feela.

41. Faro a ba a re ho Josefa: Bona, ke o beile hodima naha yohle ya Egepeta.

42. Yaba Faro o ntsha lesale la hae monwaneng wa hae, a le kenya monwaneng wa Josefa, mme as mo hlopha ka masela a lene a tshesane, a mo rwesa letjekwana la kgauta molaleng.

43. A mo dudisa koloing e hlahlamang ya hae, mme ha hoeletswa kapele ho yena, ha thwe: Inamang! mme a mmea hodima lefatshe lohle la Egepeta.

44. Faro a re ho Josefa: Ke nna Faro, mme haese ka taelo ya hao, ha ho motho ya ka emisang letsoho la hae, kapa leoto la hae naheng yohle ya Egepeta.

45. Faro a rea Josefa lebitso la Tsafnathe-Paeneake (mophutholli wa tse patilweng), mme a mo nea mosadi, Asnathe, moradi wa Poti-Fera, moprista wa One. Yaba Josefa o ya hlahloba lefatshe la Egepeta.

46. Josefa o ne a na le dilemo tse mashome a mararo mohla a emang pela Faro, morena wa Egepeta. Mme Josefa a tswa pela Faro, a ya lekola naha yohle ya Egepeta.

47. Ka dilemo tse supileng tsa nala, lefatshe la bea ka ho fetisisa.

48. Yaba o bokella dijo kaofela tsa dilemo tse supileng, tse nnileng tsa eba teng fatsheng la Egepeta, a boloka dijo metseng, a bea motseng o mong le o mong dijo tsa naha e ka mathoko.

49. Josefa a bokella koro e ka ka lehlabathe la lewatle ka bongata, e ngata-ngata, ho fihlela a ba a lesa ho e bala, hobane e ne e se na palo.

50. Bara ba babedi ba ne ba tswallwe Josefa dilemo tsa tlala di eso ho fihle, bao Asnathe, moradi wa Poti-Fera, moprista wa One, a neng a mo tswalle bona.

Genese 41