27. Dikgomo tse supileng tse otileng, tse mpe, tse tswileng kamora tseo, ke dilemo tse supileng; le diqwapi tse supileng tse phutsitseng, tse tjheleng ke moya wa botjhabela, e tla ba dilemo tse supileng tsa tlala.
28. Ke yona taba eo ke e boleletseng Faro: Seo Modimo o tlang ho se etsa o se bontshitse Faro.
29. Bona, ho tla dilemo tse supileng tsa nala e kgolo naheng yohle ya Egepeta;
30. mme ho tla hlaha dilemo tse supileng tsa tlala kamora tsona, mme nala kaofela e tla lebalwa lefatsheng la Egepeta, tlala e qete naha.
31. Ha ho ka ke ha bonahala hoba nala e bile teng naheng ena ka baka la tlala eo e hlahlamang, hobane e tla ba tlala e kgolo haholo.
32. Ha toro e kile ya phetelwa Faro habedi, ke ho re, ke taba e tiisitsweng ke Modimo, mme Modimo o tla phakisa o e phethe.
33. Jwale, Faro a ke a bone motho ya masene, ya bohlale, mme a mmee hodima naha ya Egepeta.
34. Faro a ke a etse, a bee bahlahlobi naheng yohle, mme a nke karolo ya bohlano ya tse mediswang naheng ya Egepeta dilemong tse supileng tsa nala;
35. ba bokelle dijo tsohle tsa dilemo tseo tse ntle tse tlang, ba bee koro matleng a Faro, ba boloke dijo metseng.
36. Dijo tseo e tla ba nyase ya naha ka dilemo tse supileng tsa tlala tse tlang ho ba teng naheng ya Egepeta, naha e tle e se ke ya eshwa ke tlala.
37. Taba ena ya kgahlisa Faro le bahlanka ba hae kaofela.
38. Yaba Faro o re ho bahlanka ba hae: Na re ka hla ra fumana motho ya tshwanang le enwa, eo Moya wa Modimo o leng ho yena?