13. Yare kamoo a neng a re phutholletse kateng, ha fela ha eba jwalo; nna, Faro a mpusetsa kabelong ya ka, mme elwa a mo fanyeha.
14. Yaba Faro o romela ho bitsa Josefa; ba phakisa ba mo ntsha teronkong, mme a beolwa, a apeswa diaparo disele, a tla ho Faro.
15. Faro a re ho Josefa: Ke lorile toro, mme ha ho ya e phuthollang, mme ke utlwile ba o bolela hore, ha o utlwile toro, o a e phutholla.
16. Josefa a araba Faro, a re: Hase nna, Modimo ke wona o ka arabelang Faro ka karabo ya kgotso.
17. Yaba Faro o re ho Josefa: Ho loreng ha ka, bona, ke ne ke eme lebopong la noka.