Genese 41:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yare dilemo tse pedi ha di fetile, Faro a lora a eme pela noka.

2. A bona dikgomo tse supileng tsa dithole, tse ntle, tse nama di mafura, di etswa nokeng, di fula mohlakeng;

3. a boela a bona dikgomo tse ding tsa dithole tse supileng di etswa nokeng kamora tseo, e le tse mpe ha di tadingwa, tse nama di otileng; tsa ema pela dikgomo tse ding lebopong la noka.

4. Yaba dikgomo tse mpe ha di tadingwa, tsa meketa, di ja kgomo tse supileng, tse ntle ho bonwa, tse nonneng. Yaba Faro o a phaphama.

5. A boela a robala, a lora hape a bona diqwapi tse supileng tsa koro di medile lehlakeng le le leng, tse nonneng, tse ntle.

6. A ba a bona le qwapi tse supileng tse phutsitseng, tse tjheleng ke moya wa botjhabela, di mela kamora tseo.

7. Diqwapi tse phutsitseng tsa metsa diqwapi tse supileng tse nonneng, tse ntle. Yaba Faro o a phaphama, a fumana hoba ke toro.

8. Yare hosasa, moya wa hae wa be o tshohile; a romela ho bitsa dinohe kaofela tsa Egepeta, le ba bohlale ba teng. Yaba Faro o ba bolella ditoro tsa hae, empa ha ho a ka ha eba le a mong ho bona ya tsebang ho di phuthollela Faro.

9. Yaba molaodi wa baqhatsetsi o bua le Faro, a re: Melato ya ka ke e eleditswe kajeno.

10. Faro o ne a halefele bahlanka ba hae, a nkenya teronkong ka tlung ya molaodi wa balebedi, nna le molaodi wa baapehedi.

11. Ra lora ditoro bosiung bo le bong, nna le yena, mong le mong toro ya hae ka phuthollo ya yona.

12. Mohlankana o ne a le teng le rona, wa Moheberu, mofo wa molaodi wa balebedi, mme ra mmolella; yaba o re phuthollela ditoro tsa rona, motho ka mong ka toro ya hae.

Genese 41